Tel: (+266) 22-311101
 Home | Contacts | Feedback | Sitemap | Related Links | Search
 THE MINISTRY | THE MINISTER | PRINCIPAL SECRETARY | DEPARTMENTSREGULATIONS | PROJECTS | DOCUMENTS | DATA | NEWS  
NEWS and TENDER NOTICES
News on Archives
Tenders On Archives
 
 
 
POLELO EA LETONA LA LICHELETE LE MERALO EA NTŠETSOPELE, DR TIMOTHY THAHANE MABAPI LE BOIKARABELO BA ‘MUSO POLOKONG EA LICHELETE TSE TSOANG SECHABENG, KALIMANO LE TŠEBELISO EA TSONA KE LIBANKA, LITSI TSE LING LE MEKHATLO KAPA MOTHO OFE KAPA OFE EA NANG LE TUMELLO (LICENCE) E LOKELANG
Mohlomphehi Motsamaisi oa lipuisano,
Litho tse Khabane, le sechaba sa heso ka moka,


Ke leboha sebaka le nako ea ho etsa polelo ena ka mona ka Ntlong e Khabane ke le Letona la Motlotlehi le ikarabellang Licheleteng le moruong oa naha le sechaba sa eona.

Kamor’a boithuto bo tebileng ba lilemo tse telele ba litsebihali, lefatše lohle le ikholisitse hore linaha tse atlehileng ho ntšetsa moruo oa tsona pele, ho fenya bofuma le ho theha mesebetsi e mengata e lekanang kholo ea sechaba, ke tse ileng tsa sebeletsa botsitso, taolo le tsamaiso e tsepameng ea Libanka le litsi tse ling esita le mekhatlo e fanang ka litšebeletso tsa polokelo le kalimo ea lichelete.

Boithuto boo bo bontšitse hape hore ho putlama hoa Libanka, mekhatlo kapa litsi tsa polokelo le kalimo, ho thefula le ho busetsa moruo oa naha morao haholo ‘me ho etsa hore sechaba ka kakaretso se lefe litšenyehelo tse boima tsa ho busetsa litaba malulong. Ho hlokomelehile hape hore ha ho busetsoa litaba malulong, ke mafutsana a utloang bohloko ho feta barui.

Re lipaki mona Lesotho hore ho n’tsa libanka kapa litsi tse seng li kene tebetebeng ea tšebetso e se nang taolo kapa tsamaiso e ntle, ho nka nako e telele ‘me ho bile ho batla lichelete tse ngata. Banka ea Lesotho (Lesotho Bank) le Banka ea Temo (Lesotho Agricultural Development Bank) li ile tsa putlama ka lichelete tsa sechaba ka ho se sebetse ho latela melaoana ea tšebetso e beiloeng ke Banka e kholo (Central Bank). Ho lokisa litaba tsa Libanka tsena tse peli ho jele ‘Muso chelete e fetang M800 million e tsoileng likhafeng tsa Basotho.

Ho na le pherekano e bonahalang e le teng sechabeng ea hore na ‘Muso o cha o tšolang ha sechaba se ipolokela lichelete tsa sona Libankeng kapa litsing tse ratoang ke sona. Ke lakatsa ho hlalosa le ho qaqisa ntlha ena lebitsong la ‘Muso.

Boikarabelo ba ‘Muso

‘Muso ha o thibele Mosotho ofe kapa ofe ho isa chelete ea hae Bankeng kapa setsing sefe kapa sefe se tla mo fa phaello kapa tsoala e holimo-limo. Etsoe ke takatso le taba-tabelo ea ‘Muso ho bona Mosotho e mong le e mong a ikhoholotse mahlaahleleng a bofuma. Ka hona ‘Muso o khothaletsa Basotho ho ikopanya ho etsa mekhatlo eo ba ka thusanang ka eona ho boloka matsete le ho kalimana ka lichelete ho phetha mabaka a bona a kang a ho lefa chelete ea sekolo, ho pata bafu, ho reka likorosari ka Keresemese, ho rekelana thepa ea lelapa e kang liphoofolo tse ntlafetseng, lipeo, joalo-joalo.

Empa libanka kapa litsi le mekhatlo e joalo e tšoanela e ngolisoe hantle ka melao e laolang tšebetso ea Libanka kapa litsi le mekhatlo eo. Ke hona mona moo ‘Muso o nang le boikarabelo bo otlolohileng ba ho ngolisa Libanka, litsi le mekhatlo ka nepo ho latela melao le melaoana ea naha e fetisitsoeng ke Paramente eona ena. Hape ke boikarabelo ba ‘Muso ho thusa le ho tataisa libanka kapa litsi le mekhatlo ho etsa ngoliso e nepahetseng le ho kopa Lakesense (licence) tse nepahetseng; le ho bona hore li fela li etsa khoebo li ipapisa le melao, ‘me ka hoo li sirelelitse lichelete tsa sechaba se bolokang ho tsona.

Ha se sepheo kapa eona takatso ea ‘Muso ho bona mekhatlo ea Basotho e thibeloa ho ngolisa ka mabaka a ho hloka tsebo kapa eona kutloisiso e nepahetseng ea molao. Ke rata hore ho hlake hantle le ho tsipa-sehole hore ‘Muso ona o ke ke oa thibela Libanka kapa litsi le mekhatlo ea Basotho ho ngolisa ka nepo kapa ho ntšetsa khoebo ea eona ea molao pele. Che! Seo ‘Muso o se emelang ka maoto ke hore libanka, litsi le mekhatlo e joalo e ngolise ka molao, e fumane tumello ea molao (licence) ho etsa khoebo ka lichelete tsa mafutsana, le ho etsa bonnete ba hore lichelete tseo li sireletsehile. ‘Leihlo ha le fahloe habeli.’ Re se re ile ra bona hampe ha libanka li putlama ka lichelete tsa sechaba.

Melao ea Ngoliso

Melao e amanang le ngoliso le phano ea mangolo a khoebo (Licences) ho libanka, litsi le mekhatlo ea polokelo le kalimo ea lichelete kapa ea lepato la bafu leha ele efe kapa efe ke ena:

• Financial Institutions Act, 1999
• Societies Act, 1966
• Cooperative Societies Act, 2000
• Money Lenders Act, 1989
• Lesotho Building Finance Institutions Act, 1976
• Insurance Act, 1976

O mong le o mong oa melao ena o fana ka matla ho lekala le leng la ‘Muso ho laola tšebetso ea litsi kapa mekhatlo e angoang ke molao oo. Ha re nke Financial Institutions Act 1999 e le mohlala feela:

Financial Institutions Act 1999 e fa Central Bank matla a ho fa libanka mangolo a khoebo le ho laola tšebetso ea tsona. E bile e e fa matla a ho sireletsa lichelete tsa sechaba tse bolokiloeng ho tsona. Le ho bona hore kalimo tsa lichelete tsena tsa sechaba li etsoa ka mokhoa o sireletsehileng hoo libanka li ke keng tsa hloleha ho buseletsa beng ba lichelete ha ba li hloka.

Ho qoba mathata ana le a mang, Mookameli oa Banka e kholo, a roetse katiba ea Commissioner of Financial Institutions, o fetisitse melaoana (regulations) e latelang ea tsamaiso ea tšebetso:

• Financial Institutions (Risk-based Capital Requirements) Regulations 1999
• Financial Institution (Loan Portfolio Classification) Regulations 1999
• Financial Institutions (Licensing Requirements) Regulations 1999
• Financial Institutions (Lending Limits) Regulations 1999
• Financial Institutions (Internal Controls Systems) Regulations 2000
• Financial Institutions (Liquidity Requirements) Regulations 2000
• Financial Institutions (Anti-Money Laundering) Guidelines
• Financial Institutions (Appeal) Regulations 2001
• Financial Institutions (Ancillary Financial Service Providers Licensing Requirements) Regulations 2003

Ke lakatsa ho etsa tlhakiso ka ho nka mehlala ea melaoana e meraro feela.

“Licensing Requirements Regulations”

Melaoana ena e fana ka lintlha tsohle tseo banka e tšoanelang ho li phetha kapa ho ba le tsona hore e tle e fuoe licence ea ho etsa khoebo Lesotho.

Risk-Based Capital Requirements Regulations

Ena melaoana e reretsoe ho tšireletsa batho ba tlisitseng lichelete tsa bona polokelong ka ho ikhotsofatsa hore banka e na le letsete le lekaneng ho tšelisa baboloki ha banka e ka ea oa. Hona ho tiisa tšepo ea sechaba ho banka. Ke ka hona Libanka li hlokoang ho beha ho Central Bank letsete le itseng la chelete leo e sa le thetseng ntle le ha mathata a le teng. Linaha tse ling tsona li tlatseletsa ka ho bitsoang “Deposit Insurance Scheme”. Ha banka e ka putlama insurance ena e lefa motho e mong le e mong ea bolokileng bankeng eo ho fihlela moeling o itseng.

Financial Institutions (Liquidity Requirements) Regulations

Melaoana ena e etsa hore banka e fe baboloki chelete hang hang ha ba e batla. Hona ke tsela ea ho tsamaisa khoebo ea banka ka hloko.

Central Bank e phethahatsa melaoana ena ka ho romella litsebi tsa eona ho hlahloba libanka hore na li fela li ntse li e phethisa ‘me ha li sa e phethise e thusana le botsamaisi ba banka eo ho lokisa litaba kapa ho fana ka kotlo e lokelang.

Ka tumello ea Boliba Cooperative Society, nka hlalosa hore Central Bank e ntse e sebetsa le botsamaisi ho bo thusa ka boeletsi hore bo tle bo tsebe ho fihlela boemo ba ho kopa lakesense ea banka. Hape ka tumello ea botsamaisi ba MKM Burial Society, Central Bank haesale e sebetsa le bona ka boeletsi ba ho matlafatsa litšebeletso tsa MKM le ho ngolisa tse ling tlas’a molao oa insurance. Ka hona hase ‘nete ho hang hore ‘Muso ka Letona la Lichelete, kapa ka Mookameli oa Central Bank o let’solong la ho koala tšebetso ea mekhatlo ena e ‘meli, e leng Boliba Cooperatives Society le MK Burial Society. Seo e leng ‘nete ke hore ‘Muso o tsitlalletse hore mekhatlo ena e ‘meli e ikamahanye le melao ea naha le ea machaba e laolang poloko le kalimo ea lichelete.

Mathetho

Ke rata ho qetella ka ho pheta boikarabelo le sepheo sa ‘Muso kholisong ea moruo oa naha le toantšong ea bofuma ka hore ke taba-tabelo ea ‘Muso hore lichelete tsa naha li be le tšireletso e tla khothaletsa bo Ramatsete ba Basotho le ba melata ho tsetela Lesotho. Sepheo le boikarabelo ba ‘Muso hape ke ho bona hore lichelete tsa sechaba lia sireletseha; libanka le litsi e sita le mekhatlo li ngolisoa tlas’a melao e nepahetseng ‘me li phethisa litšepiso tsa tsona sechabeng. Ha se sepheo kapa boikemisetso ba ‘Muso kapa ba Mookameli oa Central Bank e le mophethahatsi oa melao le melaoana e tsamaisang lichelete ho sitisa kapa ho thibela banka, setsi le mokhatlo ofe kapa ofe ho etsa khoebo ea eona e lumeletsoeng ka molao. Ke boikarabelo ba ‘Muso ka lekala la Lichelete le Central Bank ho sireletsa leruonyana la Mosotho e mong le e mong ka ho sebelisana le botsamaisi ba libanka, litsi le mekhatlo ho bona hore e ea hola, e ea tiea ‘me ha e thekeselisoe ke tsamaiso e se nang chebelopele kapa e ntseng e qaputsa mona le mane e lelekisa tšepe ea seisa none.

Khotso!





 
New Page 1
 © Ministry of Finance and Development Planning - 2005  Web Mail

Designed by CBS